Hosea 5:3-13 BIBELE (SSO89SO)

3. Tsa Efraime ke di tseba sethapo,tsa Iseraele hase bofihla ho nna.Wena Efraime, o etsa bootswa,Iseraele yena o itshilafaditse.”

4. “Diketso tsa bona di a ba thibela,ba sitwa ho kgutla,ho kgutlela ho Modimo wa bona.Moya wa bootswa o se o ba hapile,Morena yena ha ba mo tsotelle.

5. Boikgohomoso ba Iseraelebo a mo ahlola,Iseraele le Efraimeba tla kgothometseha,ba be ba weka baka la bokgopo ba bona,Juda le yena a we le bona.

6. Ba tla ya ka mehlape,ya dikgutshwane le ya makgomo,ba ye ka yona ho ya batla Morena,empa ha ba ka ke ba mo fumana,hobane yena o arohane le bona.

7. Ha ba a ka ba tshepahala ho Morena,ba mo tswaletse bana,bana ba dikgaupane.Jwale etlare ha kgwedi e thwasa,ba timetswe le masimo a bona.”

8. “Letsang lenaka le le Gibea,le letse terompeta le le Rama;hlabang mokgosi le le Bete-Afene,pele-a-pele wena Benjamine!

9. Mohla le fihlang tsatsi la kahlolo,naha ya Efraimee tla fetoha nanaola.Ke phatlalletsa merabe ya Iseraele,ke e phatlalletsa seo e leng nnete.

10. Mahosana a Judaa ka ba tsekang meedi,ba suthisangmekolokotwane ya meedi.Ke tla hlatsa kgalefo ya ka,ke e hlatsetse hodima wona,ke e tshollele hodima wona,ke e tshollele sa morallo wa metsi.

11. Efraime o hateletswe,o hlotswe ke nyewe,hobane a ne a batla thuso,a e batla ho medingwana.

12. Ho ba ntlo ya Efraimeke tshwana le tshwele,ho ba ntlo ya Juda ke ka diboko.

13. “Ha Efraimea bona bolwetse ba hae,Juda yena a bona diso tsa hae,Efraime yenaa ikela naheng ya Asiria,a ya kopa thusoho kgosi ya mohlabani.Empa kgosi e sitilwe ho mo fodisa,ya hlolwa ho phekola diso tsa hae.

Hosea 5