Hosea 5:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. “Lona baprista, utlwang mona!Lona ba ntlo ya Iseraele,elang hloko!Lona ba ntlo ya kgosi,sekehang ditsebe!Kahlolo ena e tobane le lona:Le bile leraba la ho tshwasa Misepa,letlowa le adilweng hodima Tabore.

2. Bafetohedi ba tetebetse hara dipolao,ke tla ba otla kaofela ha bona.

3. Tsa Efraime ke di tseba sethapo,tsa Iseraele hase bofihla ho nna.Wena Efraime, o etsa bootswa,Iseraele yena o itshilafaditse.”

4. “Diketso tsa bona di a ba thibela,ba sitwa ho kgutla,ho kgutlela ho Modimo wa bona.Moya wa bootswa o se o ba hapile,Morena yena ha ba mo tsotelle.

5. Boikgohomoso ba Iseraelebo a mo ahlola,Iseraele le Efraimeba tla kgothometseha,ba be ba weka baka la bokgopo ba bona,Juda le yena a we le bona.

6. Ba tla ya ka mehlape,ya dikgutshwane le ya makgomo,ba ye ka yona ho ya batla Morena,empa ha ba ka ke ba mo fumana,hobane yena o arohane le bona.

7. Ha ba a ka ba tshepahala ho Morena,ba mo tswaletse bana,bana ba dikgaupane.Jwale etlare ha kgwedi e thwasa,ba timetswe le masimo a bona.”

8. “Letsang lenaka le le Gibea,le letse terompeta le le Rama;hlabang mokgosi le le Bete-Afene,pele-a-pele wena Benjamine!

9. Mohla le fihlang tsatsi la kahlolo,naha ya Efraimee tla fetoha nanaola.Ke phatlalletsa merabe ya Iseraele,ke e phatlalletsa seo e leng nnete.

Hosea 5