Hosea 4:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Lona Baiseraele,utlwang ntswe la Morena!Morena o qosa baahi ba naha ena,hobane ha ho nnete, ha ho mohau,le ho tseba Modimo naheng enaha ho eo.

2. Ke mahlapa, ke leshano,ke dipolao, ke boshodu,ke ho etsa bohlola!Melao yohleyohle ba a e tlola,madi a tsholoha a sa tswa tsholoha!

3. Kahoo naha e tla apara bofifi,bohle ba phelang ho yonaba tla timela,ho timele dibatana tsa naha,ho timele nonyana tse fofang,tlhapi tsa lewatle le tsona di timele!

4. “Empa ho se be motho ya tsekang,kapa motho ya nyatsang e mong;ke nna ya qosang wena moprista.

5. Ka baka leo,o tla kgothometseha motsheare,bosiu moporofetaa kgothometsehe le wena,mme nna ke tla timetsa mmao.

6. Tjhaba sa kase timetswa ke ho hloka tsebo.“Kahobane tsebo o se o e lahlile,le nna ke tla o lahla jwalo,o ke ke wa ba moprista wa ka;kaha o lebetse molaowa Modimo wa hao,le nna bana ba hao ke tla ba lebala.

7. Ha baprista ba ntse ba ngatafala,ba ile ba ntshitelwa haholo;kahoo tlotla ya bonake tla e fetola dihlong.

8. Ba ruiswa ke sebe sa tjhaba sa ka,ba thabela ha se etsa bokgopo.

9. Jwaloka setjhaba,baprista le bona ba tla otlwa,ke tla ba otla,ke ba otlele metsamao ya bona,ke ba putseka baka la diketso tsa bona.

Hosea 4