Hosea 2:14-23 BIBELE (SSO89SO)

14. “Bonang, jwale ke tla mo qekisa,ke ye le yena kwana lehwatateng,teng ke bue le yena ka lerato.

15. Moo teng ke tla mmuseletsa,ke mmuseletse dirapa tsa morara,kgohlo ya Akoreke e etse monyako wa tshepo.Teng o tla tsanyaola,a tsanyaole sa botjheng ba hae,sa mohla a neng a nyoloha Egepeta.

16. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“wena o tla mpitsa: <Monna wa ka>,ha o sa tla hlola o mpitsa: <Baale>,e leng ho bolela: <Monga ka>.

17. Mabitso a bo-Baale ke tla a fedisa,le ho bitswa a ke ke a hlola a bitswa.

18. Mohla tsatsi leoke tla ba etsetsa selekane,ke ba etsetse sonale batana tsa naha,ke ba etsetse sonale nonyana tse fofang,le tsona dihahabitse holobang mobung.Ke tla fedisa seqha le sabole ya ntwa,ke di fedise hona naheng eo,bohle ba tle ba phele,ba iphelele ka kgotso.

19. Ke tla o nyala o be wa ka kamehla,ke o nyale ka toka le ka ho loka,ka lerato le ka kutlwelobohloko.

20. Ke tla o nyala ka botshepehi,mme o tla tseba hore ke nna Morena.

21. “Mohla tsatsi leo ke tla araba,”ho rialo Morena,“ke tla arabela mahodimo,mahodimo wona a arabele lefatshe.

22. Lefatshe le lona le tla arabela,le medise koro le veine le ole,tsena di arabele Jesereele.

23. Ke tla mo jakisa naheng ena,ke hauheleya neng a bitswa Mohanuwa;ho bao e neng e se setjhaba sa kake tla re: <Le setjhaba sa ka,>bona ba re: <O Modimo wa ka.> ”

Hosea 2