Hosea 2:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ereng ho bana babo lona: <Le setjhaba sa ka>, ho dikgaitsedi tsa lona le re: <Moratuwa>.

2. “Kgalemang mma lona,le mo kgaleme,hoba yena ha e sa le mosadi wa ka,le nna ha ke sa le monna wa hae.Lebososelo la bootswa a le fedise,dinyatsi di tlohe sefubeng sa hae.

3. Ho seng jwalo ke tla mo tsodisa,a be poosho sa mohla a tswalwang;ke mo etse hore a ke lehwatata,ke mo fetole e be sebataolo,ke mmolaye ka ho mmolaisa lenyora.

4. Bana ba hae nke ke ka ba hauhela,hoba ke bana ba tswetsweng,ba tswetsweng ka bootswa.

5. Mma bona a na a iketsa seotswa,a itlontlolla ha a ba emola,a re: <Ke tla ikelale medingwana ya ka,yona e mphang dijo, e mphe le metsi,e mphang boya, e mphe le motsitla,e mphang ole, e mphe le dino tsa ka.>

6. Ka meutlwa tsela hae ke tla e ralla,ke be ke e thibe ka ho haha lerako,a se ke a tsamayaka tsela tsa hae tsa kgale.

7. O tla manakisa medingwana hae,a e manakise, a se ke a e tshwara;o tla e batlisisa, a se ke a e fumana.Ke moo he a tla re:<Ke tla kgutlelamonneng wa ka wa pele,ho yena ke ne ke iketlaho feta kajeno.>

8. O na sa tsebe hore mofani ke nna,mofani wa koro le veine le ole,ya mo fileng sileferale kgauta e ngata,eo ba sebeleditseng Baale ka yona.

9. “Kahoo ke tla mo amohakoro ya ka e butswitse,ke mo amohe veine ya ka e ritelehile,ke mo amohe boya le motsitla wa ka,tseo a patang bofeela ba hae ka tsona.

10. Jwale bofeela ba haeke tla bo pepesa,ke bo pepesemahlong a medingwana ya hae;ha ho ya tla mo namolelamatsohong a ka.

11. Ke tla fedisa menyaka yohle ya hae,mekete ya hae ya selemo ka seng,ya ho thwasa ha kgwedile ya Disabatha,mekete yohle e halalelang ke e fedise.

12. Ke tla senya fate tsa morara,ke senye le tsa feiye,tseo a reng ke moputso wa hae,moputso o tswang ho medingwana ya hae,medingwana eo a e ratang haholo.Fate tseo ke tla di etsa mofero,batana tsa naha di itjelle tsona.

13. Ke tla mo otlelamatsatsi a hae a pele,matsatsi a ho sebeletsa bo-Baale,ao ka wonaa na ba tjhesetsa mokubetso,a ikgabisitse ka masale le mabenyane,a manakisana le medingwana ya hae,mme nna a se a bile a ntebetse,”ho rialo Morena.

14. “Bonang, jwale ke tla mo qekisa,ke ye le yena kwana lehwatateng,teng ke bue le yena ka lerato.

Hosea 2