Hosea 13:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. Ke o babaletse o le hara lehwatata,o le naheng e omeletseng haholo.

6. Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora;yare ha ba kgotsheba qala ho ikgohomosa,kahoo yaba ba se ba ntebala.

7. Jwale ke tla ba futuhela,ke ba futuhele sa lekakuba,tseleng teng ke ba lalle sa lengau.

8. Ke tla ba futuhelase bere e le tshehadi,sa beree bolaetsweng madinyane a yona,ke tsekolle maaparapelo a bona,ke ba harole jwaloka tauhadi,jwaloka hojaba harotswe ke sebatana.

9. “Wena Iseraele, ke tla o timetsa!Ebe ke mangya ka tsebang ho o thusetsa?

10. E kae kgosi ya haoe ke e o namolele,e o sireletse metseng yohle ya hao?Babusi bohleba metse ya hao ba kae,bona bao o ne o bue ka bona,wa re: <Ako mphe kgosi,o be o mphe le mahosana>?

11. Ka o nea kgosi eo ke halefile,ka ba ka o amoha yona ke halefile.

Hosea 13