Hosea 13:4-16 BIBELE (SSO89SO)

4. Empa Morena o re:“Ke nna Morena Modimo wa hao,ho tloha ha o le naheng,naheng ya Egepeta.Ha o a ka wa ba le Modimo e mongkantle ho nna,hobane ha ho Mopholosi e mongkantle ho nna.

5. Ke o babaletse o le hara lehwatata,o le naheng e omeletseng haholo.

6. Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora;yare ha ba kgotsheba qala ho ikgohomosa,kahoo yaba ba se ba ntebala.

7. Jwale ke tla ba futuhela,ke ba futuhele sa lekakuba,tseleng teng ke ba lalle sa lengau.

8. Ke tla ba futuhelase bere e le tshehadi,sa beree bolaetsweng madinyane a yona,ke tsekolle maaparapelo a bona,ke ba harole jwaloka tauhadi,jwaloka hojaba harotswe ke sebatana.

9. “Wena Iseraele, ke tla o timetsa!Ebe ke mangya ka tsebang ho o thusetsa?

10. E kae kgosi ya haoe ke e o namolele,e o sireletse metseng yohle ya hao?Babusi bohleba metse ya hao ba kae,bona bao o ne o bue ka bona,wa re: <Ako mphe kgosi,o be o mphe le mahosana>?

11. Ka o nea kgosi eo ke halefile,ka ba ka o amoha yona ke halefile.

12. Bokgopo ba Efraimebo ngotswe bukeng,sebe sa hae se ke ke sa lebaleha.

13. Mahlaba a pelehi a tla tshwara mmae,empa Efraime ke ngwana ya sethoto,o lesisithehoho belehwa ka nako ya teng.

14. “Na nka ba phemisa,ka ba phemisa Nqalo ya Bafu?Na nka ba lopolla tleneng tse lefu?wena lefu, lokisa mahloko a hao!Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao!Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko!

15. Leha a ka atleha hara bana babo,moya o hlahang botjhabelao tla tsoha,moya o tswang ho Morenao tsohe lehwatateng;mohlodi wa Efraime o tla nyamela,sediba sa hae se kopotsangebe se a psha.Matlo a polokelo ya haea tla lobelwa,matlotlo wohle a bohlokwaa haptjwe.

16. Samaria e tla fumana kotlo,hobane e fetohetse Modimo wa yona.Baahi ba yonaba tla bolawa ka sabole,masea a bonaa pshatlanngwe fatshe,baimana ba bonaba tabolakwe dimpa.”

Hosea 13