6. Wena, kgutlela ho Modimo wa hao,o be le lerato, o be le toka,o tshepe Modimo wa hao,o mo tshepe kamehla yohle.
7. Mohwebi o sebedisa sekalakala sa bolotsana,o bile o rata le ho qhekanyetsa.
8. Efraime yena o a ithorisa, o re:“Ke ruile haholo,ke bokeletse matlotlo,ha ho na sebe, ha ho na bokgopo,ha ho na seo ba ka nqosang ka sona.”
9. Empa Morena o re:“Ke nna Morena Modimo wa hao,ho tlohaha o ne o le naheng ya Egepeta;ke tla etsa horeo boele o phele ditenteng,o phele tengsa mohla mekete e halalelang.
10. Nna ke buile le baporofeta,ka ba hlahisetsa dipono,pono tse ngatangata,ka bua le bona ka ho etsa dipapiso.”
11. Na bokgopo bo teng Gileade?Batho ba teng ke mafeelafeelane!Ba etsa mahlabelo ka dipohwana,ba a etse Gilegale,dialetare tsa bona di tla heletswa,di ke mekolokotwane hara masimo.
12. Jakobo o balehetse naheng,naheng ya Baarame,Iseraele a sebeletsa ho nyala mosadi,hore a tle a mo nyale, a alosa dinku.
13. Ka moporofeta,Morena a ntsha Iseraele Egepeta,mme ka moporofeta, a ba a mmaballa.
14. Efraime o phepheditseMorena wa hae haholo,kahoo molato wa ho tsholla madie tla ba wa hae,Morena a mo otlele nyefoloeo a nyefotseng ka yona.