Hosea 10:8-15 BIBELE (SSO89SO)

8. Dibaka tsa borapedi, tsa Afene,di tla fediswa,tsona tseo Iseraelea etsetsang sebe ho tsona,aletare tsa bona di mele meutlwa,di mele tshehlo.Ba tla re ho dithaba:“Re kgurumetseng!”Ho maralla ba re:“Re weleng hodimo!”

9. “Wena Iseraele,haesale o etsa sebe,o se entseho tloha mehleng ya Gibea,bofetohedi ba haobo qala moo Gibea,hona moo Gibeantwa e tla o kgaoletsa teng.

10. Ke tla futuhela bafetohedi,ke ba kgahlole,ke ba kgobokanyetsemabotho a baditjhaba,ke ba otlele dibe tsa bona,dibe tse ngatangata.

11. Efraime ke kgongwanae thapisitsweng,ke kgongwanae ratang ho pola mabele;molaleng wa yona o motleka bea joko,ka bofella Efraime mohomenghore a leme,Jakobo yenaa tle a phophothe makwete.

12. Motho ka monga kgathe thite ya hae,a itjalle ho lokaho tswalang lerato,a kotule molemoo tswalwang ke botshepehi.Nako e fihlile ya ho batla Morena,ya ho mmatla ho fihlela a etla,a le nesetsa pula ya mahlohonolo.

13. Empa le ile la jala bokgopo,kahoo le kotutse tholwana ya bokgopo,la ja le yona tholwana ya leshano.Kahobane o itshepetsekariki tsa hao tsa ntwa,o tshepile le boiyaneba mabotho a hao,

14. morusu wa ntwao tla tsohela tjhaba sa hao,qhobosheane tsohle tsa haoebe di a ripitlwa,di ripitlwesa mohla tsatsi lane la ntwa,ha Shalemanea ne a ripitla Bete-Arabeele,a pshatlaka basadi le masea a bona.

15. Le wena Bethele,ho tla ba tjena ho wena,ka baka la bokgopobo boholo ba hao.Ha mafube a mesoa hlaha ka botjhabela,kgosi ya Iseraelee tla ripitlelwa ruri!

Hosea 10