Hosea 10:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Iseraele ke morarao holang haholo;ha tholwana tsa haedi ntse di eketseha,dialetare tsa haele tsona di a eketseha.Ha mobu wa hae o atlehisa dijalo,le yena o ntlafatsa difika,fika tse kgumamelwang.

2. Pelo tsa Baiseraele di tletse mano,kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona.Modimo o tla heletsadialetare tsa bona,a dihe difika tsa medingwana bona.

3. Jwale ba tla re:“Rona ha re na kgosi,hobane ha re a ka ra tshaba Morena.Esita leha re ne re ena le kgosi,kgosi eo e ne e tla re thusa ka eng?”

4. Ba etsa ditshepiso tsa bosawana,ba hlapanye ka leshano,ba etse le dilekane,kahoo ho hlaha dinyewe,nyewe tse ngatangata,di ke monatja o mela hara boleme.

5. Baahi ba Samaria ba tla thothomela,ba thothometswe ke manamane,manamane a Bete-Mene.Tjhaba sa Samariase tla llela namane eo,baprista ba yona le bona ba e llele,bona baprista ba neng ba e thabetse,ba nyakalletse tlotla ya namane,tlotla e seng e tlositswe,e tlositswe ho yona.

6. Namane eo e tla iswa Asiria,e le nyehelo ho kgosi e kgolo.Efraime yena o tla hlajwa ke dihlong,Iseraele a swabisweke keletso tsa hae.

7. Samaria le kgosi ya yonadi tla hoholwa,di hoholwe sa mahohodi hodima metsi.

8. Dibaka tsa borapedi, tsa Afene,di tla fediswa,tsona tseo Iseraelea etsetsang sebe ho tsona,aletare tsa bona di mele meutlwa,di mele tshehlo.Ba tla re ho dithaba:“Re kgurumetseng!”Ho maralla ba re:“Re weleng hodimo!”

Hosea 10