Hosea 10:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Iseraele ke morarao holang haholo;ha tholwana tsa haedi ntse di eketseha,dialetare tsa haele tsona di a eketseha.Ha mobu wa hae o atlehisa dijalo,le yena o ntlafatsa difika,fika tse kgumamelwang.

2. Pelo tsa Baiseraele di tletse mano,kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona.Modimo o tla heletsadialetare tsa bona,a dihe difika tsa medingwana bona.

3. Jwale ba tla re:“Rona ha re na kgosi,hobane ha re a ka ra tshaba Morena.Esita leha re ne re ena le kgosi,kgosi eo e ne e tla re thusa ka eng?”

4. Ba etsa ditshepiso tsa bosawana,ba hlapanye ka leshano,ba etse le dilekane,kahoo ho hlaha dinyewe,nyewe tse ngatangata,di ke monatja o mela hara boleme.

5. Baahi ba Samaria ba tla thothomela,ba thothometswe ke manamane,manamane a Bete-Mene.Tjhaba sa Samariase tla llela namane eo,baprista ba yona le bona ba e llele,bona baprista ba neng ba e thabetse,ba nyakalletse tlotla ya namane,tlotla e seng e tlositswe,e tlositswe ho yona.

6. Namane eo e tla iswa Asiria,e le nyehelo ho kgosi e kgolo.Efraime yena o tla hlajwa ke dihlong,Iseraele a swabisweke keletso tsa hae.

7. Samaria le kgosi ya yonadi tla hoholwa,di hoholwe sa mahohodi hodima metsi.

Hosea 10