Hagai 2:13-23 BIBELE (SSO89SO)

13. Yaba Hagai o re: “Haeba motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo a ka thetsa e nngwe ya dintho tseo tse boletsweng, na di ka silafala?”Baprista ba mo araba, ba re: “E, di tla silafala.”

14. Yaba Hagai o re: “ <Ho jwalo le ho batho bana, le ho setjhaba sena se kapele ho nna,> ho rialo Morena. <Mesebetsi yohle ya matsoho a sona e jwalo, le tseo se nyehelang ka tsona ka Tempeleng di silafetse.

15. “ <Jwale ke a le kopa: Ho tloha kajeno nahanang se ileng sa etsahala mehleng ya pele, le eso ka le tsosa Tempele ya Morena. Ho ne ho le jwang?

16. Ha motho a ne a eya setheng sa mabele, seo a lekanyang hore se etsa boima ba dikilo tse makgolo a mabedi, o ne a fumana tse lekgolo feela. Ha e mong a ne a eya morifing wa veine, ho ya kga dilethara tse lekgolo, o ne a fumana tse mashome a mane feela.

17. Ke ile ka senya dijalo tsa lona ka phori, le ka boroku, le ka sefako, empa ha le a ka la kgutlela ho nna,> ho rialo Morena.

18. <Ho tloha kajeno, ho tloha hona ka tsatsi lena la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, hopolang letsatsi lena leo ka lona ho neng ho etswe motheo wa Tempele ya Morena. Hopolang letsatsi lena hantle:

19. Na ho sa na le peo e setseng ka sesiung? Ho fihlela jwale difate tsa morara, le tsa feiye, le tsa dikgarenate, le tsa mohlwaare, ha di eso behe ditholwana!“ <Ho tloha ka tsatsi lena, ke tla le hlohonolofatsa.> ”

20. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi, Morena a boela a bua ho Hagai, a re:

21. “Bolella Serubabele, mmusisi wa Juda, hore ke tla reketlisa mahodimo le lefatshe.

22. Ke tla phethola diterone tsa dikgosi, ke fedise matla a mebuso ya baditjhaba. Ke tla phethola dikariki tsa ntwa le ba di palameng; dipere di tla shwa, le bapalami ba tsona ba bolayane ka disabole tsa bona.

23. “Mohla tsatsi leo, wena mohlanka wa ka, Serubabele, mora wa Shealetiele, ke tla o nka, ke o sebedise jwaloka lesale la ka la tiiso, hobane ke o kgethile,” ho rialo Morena wa mabotho.

Hagai 2