Hagai 2:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi ya bosupa, Morena a bua ho moporofeta Hagai, a re:

2. “Bua ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda, le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le ho masalla wohle a setjhaba, o ba botse, o re:

3. <Na ho sa na le ya mong hara lona ya ka hopolang kamoo Tempele ee e neng e le ntle kateng mehleng ya pele? Kajeno le e bona e le jwang? Na ha le bone e se letho?

4. Empa jwale beta pelo, wena Serubabele!> ho rialo Morena. <Beta pelo, wena Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo! Betang pelo, lona setjhaba sohle sa naha ena!> ho rialo Morena. <Sebetsang, hobane ke na le lona,> ho rialo Morena wa mabotho.

5. <Jwalokaha ke ne ke le tshepise mohla le tswang Egepeta, ke ntse ke ena le lona ka moya, le se tshabe letho.>

6. “Morena wa mabotho o bua tjena: <Haufinyane ke tla boela ke reketlisa mahodimo le lefatshe, le mawatle le mobu o sebataolo.

7. Ke tla sisinya ditjhaba tsohle, mme matlotlo a ditjhaba kaofela a tla tliswa ka Tempeleng, e be e tlale tlotla ya ka,> ho rialo Morena wa mabotho.

8. <Silefera ke ya ka, le yona kgauta ke ya ka,> ho rialo Morena wa mabotho.

9. <Tlotla ya Tempele ena e ntjha e tla feta tlotla ya Tempele ya pele,> ho rialo Morena wa mabotho. <Ke tla tlisa kgotso ka tlung ena,> ho rialo Morena wa mabotho.”

10. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, Morena a bua ho moporofeta Hagai, a re:

11. “Morena wa mabotho o bua tjena: <Botsa baprista hore na Molao o reng:

12. Ha motho a ka phuthela nama e halaleditsweng ka lemeno la kobo ya hae, ebe lemeno leno le thetsa bohobe, kapa lesheleshele, kapa veine, kapa ole, kapa sejo se seng feela, na tseo le tsona di tla halaletswa?> ”Baprista ba mo araba, ba re: “Tjhe!”

13. Yaba Hagai o re: “Haeba motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo a ka thetsa e nngwe ya dintho tseo tse boletsweng, na di ka silafala?”Baprista ba mo araba, ba re: “E, di tla silafala.”

Hagai 2