Hagai 1:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:

2. Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sena se re: <Nako ya ho tsosa Tempele ya Morena ha e eso fihle!> ”

3. Yaba Morena o bua ka molomo wa moporofeta Hagai, o re:

4. “Na ee ke yona nako ya hore lona le dule matlung a kgabisitsweng, ha Tempele ee yona e ntse e le dithako?”

5. Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: “Itekoleng he!

6. Le jetse haholo, empa la kotula hanyenyane; le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; le ya amohelang moputso, moputso oo ha o mo thuse ka letho.”

7. Morena wa mabotho o re: “Itekoleng he!

8. Hlwellang dithabeng, le reme difate, le tlo tsosa Tempele e tla nkgotsofatsa, mme kahoo ke tlotliswe,” ho rialo Morena.

9. “Le ne le lebeletse tjhai e ngata, empa bonang! le kotutse hanyenyane feela. Kotulo eo le e tlisitseng hae, ke ile ka e senya. Ke ka lebaka lang ke entseng jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke entse jwalo ka baka la Tempele ya ka, e ntseng e le dithako, athe e mong le e mong wa lona yena o thahasella ntlo eo e leng ya hae.

Hagai 1