Habakuke 3:7-13 BIBELE (SSO89SO)

7. Ke bone baahi ba Kushaneba tshohile haholo,le baahi ba Midianeba otlanya mangwele.

8. Morena,na o ne o halefetse dinoka?Na kgalefo ya haoe ne e tloketse melatswana,kapa o ne o halefetse lewatle,ha o no palame dipere tsa hao,o kaletse kariki tsa hao tsa tlholo?

9. O ila hula seqha sa haowa se tjheha,metsu e tletse ka sehlajweng sa hao,wa patsola lefatshe,dinoka tsa phalla.

10. Dithaba tsa o bona,yaba di a reketla,diphororo tsa metsi tsa phorosela,bodiba ba metsi le bona ba hwasa,yaba maqhububo a akgoletsa hodimo.

11. Letsatsi le kgweditsa ema themelele!ha metsu ya hao e bebange tsekema,ha rumo la hao le benyangle phatsima.

12. Wa hata hodima lefatshe o halefile,wa hatakela ditjhaba o hlokofetse.

13. O no futuhaho ya lopolla tjhaba sa hao,o ilo pholosa motlotsuwa wa hao.Molaodi wa ba kgopoo mo timeditse,wa mo hlobodisaho tloha hodima hlooho,wa mo hlobodisa ho ya tswa leotong.

Habakuke 3