6. Ha a ema, lefatshe la sisinyeha,ha a tadima, merabe ya thothomela;dithaba tsa boholoholo tsa heleha,maralla a kgalekgale a batalla.Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle.
7. Ke bone baahi ba Kushaneba tshohile haholo,le baahi ba Midianeba otlanya mangwele.
8. Morena,na o ne o halefetse dinoka?Na kgalefo ya haoe ne e tloketse melatswana,kapa o ne o halefetse lewatle,ha o no palame dipere tsa hao,o kaletse kariki tsa hao tsa tlholo?
9. O ila hula seqha sa haowa se tjheha,metsu e tletse ka sehlajweng sa hao,wa patsola lefatshe,dinoka tsa phalla.
10. Dithaba tsa o bona,yaba di a reketla,diphororo tsa metsi tsa phorosela,bodiba ba metsi le bona ba hwasa,yaba maqhububo a akgoletsa hodimo.
11. Letsatsi le kgweditsa ema themelele!ha metsu ya hao e bebange tsekema,ha rumo la hao le benyangle phatsima.