Habakuke 3:14-19 BIBELE (SSO89SO)

14. Ka metsu ya haemolaodi wa na wa mo hlaba,mohla bahlabaniba neng ba re futuhetse,ba re futuhetse hore ba re qhalanye,ba thabetse ho bolaya bahlophehi,bahlophehi ba neng ba ipatile.

15. Wa hatakela lewatleka dipere tsa hao,bodiba bo boholo wa bo lwebehlanya.

16. Ha ke utlwa ke ile ka ferekana,ka bebenya melomoha ke utlwa modumo oo;masapo a ka a qala ho bola,maoto a ka le wona a rerekela.Empa tsatsi la koduwake tla le lebella,tsatsi leo ke le lebelle ka mamello,hore le tjhabeletjhaba se re futuhetseng.

17. Leha fate sa feiyese ke ke sa fupa,kapa fate sa morara sa se ke sa beha;leha mohlwaareo ke ke wa beha ditholwana,kapa kotulo ya eba siyo masimong;leha masaka a dikgutswane a ka oma,kapa masaka a dikgomoa mela mohlwa,

18. nna ke tla nne ke ithabelle Morena,ke nyakallele Modimo,Mopholosi wa ka.

19. Morena Modimo ke yenaya mmatlafatsang,ya potlakisang maoto a kajwaloka a dikgama,ya ntsamaisang hodima dihlaba.Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.

Habakuke 3