Habakuke 2:7-14 BIBELE (SSO89SO)

7. Bao o ba hanyapetsangha ba tlo o tsometsa,wena o thothomeleha ba o tsohela matla?Wena o tla ba mothopuwa wa bona!

8. Kaha o tlatlapileditjhaba tse ngata,masalla a tsonale wona a tla o tlatlapa,hobane o tsholotse madi a batho,o sentse dinaha,le metse wa e ripitla,le baahi bohle ba yonawa ba timetsa.

9. “Ho madimabeya ithuisang ka mano,ya hahang ntlo ya haehodima qhowa,hore a tla tsebe ho phema koduwa.

10. Merero ya haoe hlabisitse ba heno dihlong,merero ya ho bolayaditjhaba tse ngata;kahoo o beilebophelo ba hao kotsing.

11. Majwe a lerako a tla hlaba mokgosi,maballo a lehonga arabele mokgosi oo.

12. “Ho madimabeba hahileng motse wa bona,ba o hahileng ka ho tsholla madi,ba o hahahodima moralo wa bolotsana!

13. Na hase Morena wa mabothoya ileng a rera,hore mosebetsi wa bathoo fediswe ka mollo,le hore ditjhaba di sebeletse lelea?

14. Empa tsebo e tla tlala,e tlale lefatshe kahohle,tsebo ya ho tseba tlotla ya Morena,e tlale lefatshesa metsi a tletse lewatle.

Habakuke 2