Habakuke 2:2-13 BIBELE (SSO89SO)

2. Yaba Morena o a nkaraba, o re:“Ngola taba tsa pono enahodima matlapa,o di ngole hantlebabadi ba se ke ba hakwa.

3. Pono ena e sa emetse nako ya yona,e haufi e phethahala,mme e ke ke ya thetsa.Leha e ka dieha, wena o e emele,e tla fela e phethahale,ha e ka ke ya dieha.

4. Bona, ya kgopo yenaa ke ke a phela,athe ya lokilengo tla phela ka tumelo ya hae.”

5. “Ruri, veine ke moeki wa motho;ya ikgohomosang a ke ke a phela.O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu;jwaloka lefu ha a ke a kgora.O ipokellela ditjhaba tse ngatangata,merabe kaofela a e fetole bathopuwa.

6. “Kaofela ha bonaba tla mo nyedisa,ba mo nyahanye,ba mo nyefole, ba re:<Ho madimabeya ipokellelang tsa boshodu,ya ithuisang ka ho hanyapetsa batho!Hoo ho tla ba jwalo ho fihlela neng?>

7. Bao o ba hanyapetsangha ba tlo o tsometsa,wena o thothomeleha ba o tsohela matla?Wena o tla ba mothopuwa wa bona!

8. Kaha o tlatlapileditjhaba tse ngata,masalla a tsonale wona a tla o tlatlapa,hobane o tsholotse madi a batho,o sentse dinaha,le metse wa e ripitla,le baahi bohle ba yonawa ba timetsa.

9. “Ho madimabeya ithuisang ka mano,ya hahang ntlo ya haehodima qhowa,hore a tla tsebe ho phema koduwa.

10. Merero ya haoe hlabisitse ba heno dihlong,merero ya ho bolayaditjhaba tse ngata;kahoo o beilebophelo ba hao kotsing.

11. Majwe a lerako a tla hlaba mokgosi,maballo a lehonga arabele mokgosi oo.

12. “Ho madimabeba hahileng motse wa bona,ba o hahileng ka ho tsholla madi,ba o hahahodima moralo wa bolotsana!

13. Na hase Morena wa mabothoya ileng a rera,hore mosebetsi wa bathoo fediswe ka mollo,le hore ditjhaba di sebeletse lelea?

Habakuke 2