Habakuke 2:10-19 BIBELE (SSO89SO)

10. Merero ya haoe hlabisitse ba heno dihlong,merero ya ho bolayaditjhaba tse ngata;kahoo o beilebophelo ba hao kotsing.

11. Majwe a lerako a tla hlaba mokgosi,maballo a lehonga arabele mokgosi oo.

12. “Ho madimabeba hahileng motse wa bona,ba o hahileng ka ho tsholla madi,ba o hahahodima moralo wa bolotsana!

13. Na hase Morena wa mabothoya ileng a rera,hore mosebetsi wa bathoo fediswe ka mollo,le hore ditjhaba di sebeletse lelea?

14. Empa tsebo e tla tlala,e tlale lefatshe kahohle,tsebo ya ho tseba tlotla ya Morena,e tlale lefatshesa metsi a tletse lewatle.

15. “Ho madimabeya nwesang ba habo tahi,a ba tshelle yonaho fihlela ba tahwa,a tla tsebeho bona bofeela ba bona.

16. O tla aparelwa ke dihlong,e seng ke tlotla.Nako ke ya hao jwale, ya hore o nwe!Nwa he, bofeela ba hao bo pepesehe!Senwelo se ka tsohongle letona la Morena,se a pota, se tla be se fihle ho wena,ebe dihlongdi aparela tlotla ya hao.

17. Tshenyo e entsweng Lebanonee tla o timetsa,polao ya dibatana tsa yonae tla o tshosa,hoba madi a bathoa tsholotswe ke wena,wa senya naha, le motse wa o ripitla,baahi bohle ba wona wa ba timetsa.

18. “Modingwana wa bohatao thusa mo-o-etsi ka eng?Ke setshwantsho feela,se bolela mashano!Moetsi wa sonao tshepa mmopo wa matsoho a hae,o iketseditse modingwana,modingwana o semumu!

19. Ho madimabe ya reng ho lehong:<Phaphama!>le ho lejwe le semumu:<Phahama!>Na medimo e tjeee ka tseba ho porofeta?E kgabisitswe ka kgautale ka silefera,empa ka ho yonamoya wa bophelo ha o yo!

Habakuke 2