8. Pere tsa sonadi lebelo ho feta mangau,di bohaleho feta diphiri ka phirimana;bapalami ba di kgemisa,ba di kgemisa lekgarakgara,bapalami ha ba tswe mona le mona,ba fofa sa letlaka le ubella sefifi.
9. Bohle ba futuhaba kalatisaka dikgoka,mabotho a bona a fiela sa moya,a fiela sa moya wa lehwatata;bathopuwa ba bona ba bangata,ba bangata sa lehlabathe la lewatle.
10. Dikgosi ba a di soma,babusi ba a ba teola;diqhobosheane tsohletsona ba a di tella,ba haha metero ya mobu,ba hape metse.
11. Ba fefola sa moya o foka,o ba o feta,ba fefola jwalo, ebe ba a ikela;banna bana ke banna ba sehloho,matla ke wona modimo wa bona.”
12. Oho, Morena, o bile tengpele le ho tlholeho!O Modimo wa ka,o Ya Halalelang wa ka!O Modimo wa ka,Modimo ya sa shweng.Oho, Morena,o ba kgethetse ho phetha kahlolo.Oho, Lefika la ka,o ba reretse ho re kgalema.
13. Mahlo a haoa halalela ka ho fetisa,a halalela hooa ke ke a tadima bokgopo.Diphoso le tsonaha o ko di mamella.Jwale ho ya kangha o mamella balotsana?O kgutseditsengha ba kgopo ba timetsa batho,ba ba fetang ka ho loka?
14. O tshwantshitse bathole tsa lewatle ditlhapi,le dibopuwa tse lelemelangdi se na mmusi.
15. Tsohle di tshwaswa ka dilope,di tshwaswa ke sera,se be se di tshwaseka letlowa la sona,se nto di hulaka seketswana sa sona,se etse ditlatse tsa nyakalloha se tshwasitse.