Habakuke 1:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Ona ke molaetsa oo moporofeta Habakuke a neng a o tsebiswe ka pono:

2. Oho, Morena, ke tla kopa thusoho fihlela neng,empa wena o sa mmamele?Ke ipiletse ho wena,ke re: “Dikgoka!”empa wena o sa mpholose?

3. O etsetsanghore ke bone mahlomola,ke bone tshenyeho,le dikgoka ke di bone?Kahohle ke dintwale ditsekisano feela.

4. Ka lebaka lena,molao o nyehlisitswe,toka le yona ha e phethahatswe.Ba lokilengba qhekanyetswa ke ba kgopo,ka hona kahlolo di etswadi sokamisitswe.

5. “Tadima ditjhaba, o ke o lebelle;ako makale, o be o hlollwe.Ke etsa ho hongmehleng ena ya hao,ke etsa hooo neng o ke ke wa ho dumelaleha o ne o ka ba wa ho bolellwa.

6. Bona he,jwale ke tsosa Bakalatiya,tjhaba sane se bohale, se lehala,se thalatsang kahohle le lefatshe,ho ikgapela metseeo e seng ya sona.

7. Ke setjhaba se tshabehang,tjhaba se sehloho;melao ya sona,le yona tlotla ya sona,ke tse iketseditswengke sona ka bosona.

8. Pere tsa sonadi lebelo ho feta mangau,di bohaleho feta diphiri ka phirimana;bapalami ba di kgemisa,ba di kgemisa lekgarakgara,bapalami ha ba tswe mona le mona,ba fofa sa letlaka le ubella sefifi.

9. Bohle ba futuhaba kalatisaka dikgoka,mabotho a bona a fiela sa moya,a fiela sa moya wa lehwatata;bathopuwa ba bona ba bangata,ba bangata sa lehlabathe la lewatle.

10. Dikgosi ba a di soma,babusi ba a ba teola;diqhobosheane tsohletsona ba a di tella,ba haha metero ya mobu,ba hape metse.

Habakuke 1