Filemone 1:8-20 BIBELE (SSO89SO)

8. Ka baka lena nka ba sebete ho o laela ka Kreste ho etsa se lokelang,

9. empa ka baka la lerato ke a o rapela, ke le Paulosi wa leqheku, eo kajeno e bileng e leng motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu.

10. Ke ipeletsa ho wena malebana le ngwana wa ka, Onesimose eo ke mo tswaletseng ditlamong tsa ka;

11. yena eo pele e neng a se na thuso ho wena, empa jwale ya nang le thuso ho rona ba babedi.

12. Ke mo kgutlisetsa ho wena, yena eo e leng pelo ya ka.

13. Ke lakatsa ho mmoloka kwano, hore ha ke ntse ke le ditlamong ka baka la molaetsa o molemo, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao.

14. Empa ha ke a rata ho etsa letho ntle ho tumello ya hao, esere thuso ya hao ya eba ya ho qobellwa, e seng ya ho ithaopa.

15. Mohlomong Onesimose o ile a arohanngwa le wena ka nakwana, e le hore o tle o boele o be le yena kamehla.

16. Empa jwale ha e sa le lekgoba, o se a feta lekgoba ka bohlokwa; ke ngwanabo rona ya ratehang, haholoholo ho nna. Jwale o tla rateha hakaakang ho wena e le motho, e le modumedi!

17. Haeba o nkuku ke le molekane wa hao, mo amohele jwalokaha o ne o tla nkamohela.

18. Feela haeba a o senyeditse ho hong, kapa a nkile molato ho wena, o tle o o batle ho nna.

19. Nna Paulosi, ke ngotse ka letsoho la ka, ke re: “Ke nna ya tla o lefa.” Feela ha ke rate ho o hopotsa hore ke ka nna o leng seo o leng sona: Ke wona molato wa hao.

20. E, ngwaneso, ako nthuse ka baka la Morena. Kgatholla pelo ya ka ho Kreste.

Filemone 1