11. yena eo pele e neng a se na thuso ho wena, empa jwale ya nang le thuso ho rona ba babedi.
12. Ke mo kgutlisetsa ho wena, yena eo e leng pelo ya ka.
13. Ke lakatsa ho mmoloka kwano, hore ha ke ntse ke le ditlamong ka baka la molaetsa o molemo, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao.
14. Empa ha ke a rata ho etsa letho ntle ho tumello ya hao, esere thuso ya hao ya eba ya ho qobellwa, e seng ya ho ithaopa.
15. Mohlomong Onesimose o ile a arohanngwa le wena ka nakwana, e le hore o tle o boele o be le yena kamehla.
16. Empa jwale ha e sa le lekgoba, o se a feta lekgoba ka bohlokwa; ke ngwanabo rona ya ratehang, haholoholo ho nna. Jwale o tla rateha hakaakang ho wena e le motho, e le modumedi!
17. Haeba o nkuku ke le molekane wa hao, mo amohele jwalokaha o ne o tla nkamohela.
18. Feela haeba a o senyeditse ho hong, kapa a nkile molato ho wena, o tle o o batle ho nna.
19. Nna Paulosi, ke ngotse ka letsoho la ka, ke re: “Ke nna ya tla o lefa.” Feela ha ke rate ho o hopotsa hore ke ka nna o leng seo o leng sona: Ke wona molato wa hao.
20. E, ngwaneso, ako nthuse ka baka la Morena. Kgatholla pelo ya ka ho Kreste.
21. Ke o ngolla le kgodisehile hore o tla mmamela, o be o etse se fetang le seo ke se kopang.
22. Hape o ntokisetsi bodulo, hobane ke na le tshepo ya hore ka dithapelo tsa lona ke tla kgutlisetswa ho lona.
23. Epafarase, eo re leng ditlamong le yena ka baka la Kreste, o a dumedisa.
24. Le bo-Mareka, le Arisetarekose, le Demase, le Luka, bao re sebetsang mmoho le bona, ba a o dumedisa.
25. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.