Filemone 1:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Nna Paulosi, mothswaruwa ka baka la Kreste Jesu, le Timothea ngwanabo rona, re dumedisa Filemone, moratuwa eo re sebetsang mmoho le yena,

2. le Afia kgaitsedi ya rona, le Arekipose eo re leng bahlabani mmoho le yena, le kereke e phuthehelang ha Filemone, re re:

3. Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.

4. Kamehla ha ke o hopola dithapelong tsa ka, ke leboha Modimo,

5. hobane ke utlwa ho bolelwa tumelo eo o nang le yona ho Morena Jesu, le lerato leo o nang le lona ho badumedi bohle.

6. Thapelo ya ka ke hore tumelo eo o nang le kabelo ho yona e sebeletse, e tle e tswale kutlwisiso ya tsohle tse molemo tseo re nang le tsona ho Kreste.

7. Ngwaneso, lerato la hao le nthabisitse, le ntshedisitse haholo, hobane ke ka wena dipelo tsa badumedi di kgatholohileng.

Filemone 1