3. Mahosana wohle a dinaha, le baokamedi ba mabotho, le babusisi, le bahlanka ba kgosi, ba ne ba thusa Bajuda, hobane ba ne ba tshaba Moredekai.
4. Moredekai o ne a le moholo lapeng la kgosi, mme botumo ba hae ba phatlalla le dinaha tsohle, hobane Moredekai enwa o ne a ntse a matlafala le ho feta.
5. Bajuda ba bolaya dira tsohle tsa bona ka sabole, ba di rinya, ba di timetsa, mme ba iketsetsa borata ka ba neng ba hloile Bajuda.
6. Motseng wa kgosi, wa Shushane, Bajuda ba bolaya batho ba makgolo a mahlano.
7. Ba bolaya Parashanedata, le Dalefone, le Asapata,
8. le Porata, le Adaleya, le Aridata,
9. le Paramasheta, le Arisai, le Aridai, le Fajesata,
10. e leng bara ba leshome ba Hamane, mora wa Hamedata, sera sa Bajuda, empa ba se ke ba hapa thepa ya babolauwa bohle.
11. Ka lona letsatsi leo, kgosi ya tlisetswa palo ya batho ba bolailweng motseng wa kgosi wa Shushane.
12. Jwale kgosi ya re ho mofumahadi Esetere: “Bajuda ba bolaile banna ba Shushane ba makgolo a mahlano, le bara ba leshome ba Hamane. Dinaheng tse ding tsa kgosi teng ba entseng? Thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe hape? E tla phethahatswa.”
13. Yaba Esetere o re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, a ho ke ho dumellwe Bajuda ba Shushane, hore hosasane le bona ba etse seo taelo ena ya kajeno e se bolelang, le hore bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.”
14. Yaba kgosi e laela hore ho etswe jwalo. Ha ntshwa taelo Shushane, mme bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwa.
15. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, Bajuda ba Shushane ba kgobokana, mme ba bolaela batho ba makgolo a mararo hona moo Shushane, empa ba se ke ba hapa thepa ya bona.
16. Bajuda ba bang ba dinaheng tsa kgosi, ba kgobakana, ba itshireletsa, ba phomola direng tsa bona. Ba bolaya dira tsa bona tse dikete tse mashome a supileng a metso e mehlano, empa ba se ke ba hapa thepa ya tsona.
17. Tsena di etsahetse ka letsatsi la leshome le metso e meraro la yona kgwedi eo, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo.
18. Ka letsatsi la leshome le metso e meraro, le la leshome le metso e mene, la yona kgwedi eo, Bajuda ba Shushane ba kgobokana. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi eo, ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo.