11. Ka lona letsatsi leo, kgosi ya tlisetswa palo ya batho ba bolailweng motseng wa kgosi wa Shushane.
12. Jwale kgosi ya re ho mofumahadi Esetere: “Bajuda ba bolaile banna ba Shushane ba makgolo a mahlano, le bara ba leshome ba Hamane. Dinaheng tse ding tsa kgosi teng ba entseng? Thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe hape? E tla phethahatswa.”
13. Yaba Esetere o re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, a ho ke ho dumellwe Bajuda ba Shushane, hore hosasane le bona ba etse seo taelo ena ya kajeno e se bolelang, le hore bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.”
14. Yaba kgosi e laela hore ho etswe jwalo. Ha ntshwa taelo Shushane, mme bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwa.
15. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, Bajuda ba Shushane ba kgobokana, mme ba bolaela batho ba makgolo a mararo hona moo Shushane, empa ba se ke ba hapa thepa ya bona.
16. Bajuda ba bang ba dinaheng tsa kgosi, ba kgobakana, ba itshireletsa, ba phomola direng tsa bona. Ba bolaya dira tsa bona tse dikete tse mashome a supileng a metso e mehlano, empa ba se ke ba hapa thepa ya tsona.
17. Tsena di etsahetse ka letsatsi la leshome le metso e meraro la yona kgwedi eo, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo.
18. Ka letsatsi la leshome le metso e meraro, le la leshome le metso e mene, la yona kgwedi eo, Bajuda ba Shushane ba kgobokana. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi eo, ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo.
19. Kahoo Bajuda ba ahileng metsaneng a ka mathoko ba etsa hore letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, e be letsatsi la thabo le la mokete, letsatsi le monate, la ho abelana dimpho.
20. Moredekai a ngola mangolo ao ho wona a ngotseng dintho tsena, mme a a romela ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tse haufi le tse hole, tse buswang ke kgosi Ahashuerushe,
21. hore ka selemo le selemo ba hopole letsatsi la leshome le metso e mene, le la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya Hlakubele;
22. ba hopole matsatsi ao e le matsatsi ao Bajuda ba ileng ba phomola ho dira tsa bona ka wona. Ba hopole kgwedi eo e le kgwedi eo ka yona mahlomola a Bajuda a ileng a fetoha thabo, le dillo tsa bona di ileng tsa fetoha mokete wa thabo. Matsatsi ao ba a hopole e le matsatsi a mokete le a thabo. Ka matsatsi ao ba abelane dimpho, ba be ba di abele le mafutsana.
23. Bajuda ba itlama ho nna ba etsa jwalokaha ba ne ba se ba qadile, le kamoo Moredekai a ba ngoletseng kateng.
24. Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, e ne e le sera sa Bajuda bohle. O ne a rerile ho ba timetsa, a laotse ka Pure, e leng lotho, hore na o tla ba ripitla, a ba timetse neng.
25. Empa eitse ha Esetere a fihla kapele ho kgosi, yaba kgosi e laela ka mangolo hore morero wa Hamane o kgopo, oo a o reretseng Bajuda, o boyane le yena, le hore yena le bara ba hae ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.
26. Ka baka lena, matsatsi ao a bitswa hore ke a Purime, ho latela lebitso lena la Pure. Dipolelo tsa lengolo lena, le tseo ba di boneng, le tse ba hlahetseng,