Esetere 9:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, taelo le molao wa kgosi o ne o lokela ho phethahatswa. Ka letsatsi lena, dira tsa Bajuda di ne di tshepile hore di tla ba hlola, empa ditaba tsa fetoha, ya eba Bajuda ba hlolang dira tsa bona.

2. Bajuda ba kgobokanela metseng ya bona, dinaheng tsohle tse buswang ke kgosi Ahashuerushe, hore ba futuhele ba neng ba rerile ho ba timetsa. Ha ho motho ya kileng a ba ema kapele, hobane ditjhaba tsohle di ne di ba tshaba.

3. Mahosana wohle a dinaha, le baokamedi ba mabotho, le babusisi, le bahlanka ba kgosi, ba ne ba thusa Bajuda, hobane ba ne ba tshaba Moredekai.

4. Moredekai o ne a le moholo lapeng la kgosi, mme botumo ba hae ba phatlalla le dinaha tsohle, hobane Moredekai enwa o ne a ntse a matlafala le ho feta.

5. Bajuda ba bolaya dira tsohle tsa bona ka sabole, ba di rinya, ba di timetsa, mme ba iketsetsa borata ka ba neng ba hloile Bajuda.

6. Motseng wa kgosi, wa Shushane, Bajuda ba bolaya batho ba makgolo a mahlano.

7. Ba bolaya Parashanedata, le Dalefone, le Asapata,

Esetere 9