2. Kgosi ya nka lesale la yona la monwana, leo e ileng ya le rodisa Hamane, ya le rwesa Moredekai. Yaba Esetere o bea Moredekai hore e be mookamedi wa dintho tsohle tsa Hamane.
3. Esetere a boela a bua le kgosi, a itihela maotong a yona, a ipiletsa ho yona ka dikgapha, hore e fedise bobe bo rerilweng ke Hamane wa Moakake, le morero wa hae oo a neng a o reretse Bajuda.
4. Yaba kgosi e supa Esetere ka lere la yona la kgauta. Esetere a atamela a ema kapele ho kgosi,
5. mme a re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, mme eba kgosi e nkgauhetse, le ntho ena e bonahala e le molemo ho kgosi, mme eba le nna ke kgahla kgosi, a ho ke ho ngolwe mangolo a hlakolang seo Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a ileng a se ngola hore ho timetswe Bajuda ba dinaheng tsohle tsa kgosi.
6. Nka tiisetsa jwang ho bona bobe bo tla etswa ho setjhaba sa heso? Kapa nka tiisetsa jwang ho bona bang ka nna ba timetswa?”
7. Yaba kgosi Ahashuerushe o re ho mofumahadi Esetere le ho Moredekai wa Mojuda: “Bonang mona, ke neile Esetere dintho tsohle tsa Hamane, mme Hamane yena ba se ba mo fanyehile sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, hobane o ne a rerile ho timetsa Bajuda.
8. Le lona le ngolle Bajuda kamoo le ratang kateng, le ngole lengolo lena lebitsong la kgosi, le be le le tiise ka lesale la kgosi la tiiso, hobane lengolo leo le tla ngolwa lebitsong la kgosi, mme le tiiswe ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana, le ke ke la fetolwa ke motho.”