Esetere 8:12-15 BIBELE (SSO89SO)

12. Hona ho etsahale ka letsatsi le le leng, dinaheng tsohle tse buswang ke kgosi Ahashuerushe; letsatsi leo e be la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele.

13. Kopi ya taelo ena eo e tla ba molao, e phatlalletswe ditjhaba tsohle dinaheng tsohle e le hore Bajuda ba itokisetse ho iphetetsa ho dira tsa bona ka lona letsatsi leo.

14. Maqosa a palameng dipere tsa kgosi, tsa madi, tse lebelo, a palama ka potlako, a kgannwa ke taelo ya kgosi. Taelo ena ya phatlalatswa le Shushane, tlung ya kgosi.

15. Yaba Moredekai o tloha kapele ho kgosi, a apere seaparo sa bohosana se mmala o moputswa le o mosweu, a rwetse mofapahlooho o moholo wa kgauta; a apere le seaparo se entsweng ka lesela le lohehileng, le perese. Motse wa Shushane wa thaba, wa nyakalla.

Esetere 8