1. Ka lona letsatsi leo, kgosi Ahashuerushe a nea mofumahadi Esetere dintho tsohle tsa Hamane, sera sa Bajuda. Moredekai a fihla a ema kapele ho kgosi, hobane Esetere o ne a ile a e bolella hore na o amana jwang le yena.
2. Kgosi ya nka lesale la yona la monwana, leo e ileng ya le rodisa Hamane, ya le rwesa Moredekai. Yaba Esetere o bea Moredekai hore e be mookamedi wa dintho tsohle tsa Hamane.
3. Esetere a boela a bua le kgosi, a itihela maotong a yona, a ipiletsa ho yona ka dikgapha, hore e fedise bobe bo rerilweng ke Hamane wa Moakake, le morero wa hae oo a neng a o reretse Bajuda.
4. Yaba kgosi e supa Esetere ka lere la yona la kgauta. Esetere a atamela a ema kapele ho kgosi,