Esetere 7:7-10 BIBELE (SSO89SO)

7. Kgosi ya ema e loloma ke bohale, ya siya mokete hoja ho nowa veine, ya ya ka serapeng sa ntlo ya kgosi. Hamane yena a sala, a kopa mofumahadi Esetere hore a mpe a baballe bophelo ba hae, hobane o ne a lemohile hore kgosi e mo reretse bobe.

8. Kgosi ya kgutla serapeng sa ntlo ya kgosi, ya boela moketeng wa ho nwa veine. Hamane yena o ne a wetse hodima setulo sa sofa seo Esetere a neng a dutse ho sona.Yaba kgosi e re: “Na ke hore o tla be a bete mofumahadi ke ntse ke le kamoo ka tlung?”Hanghang hoba kgosi e rialo, mahaole a kgurumetsa sefahleho sa Hamane.

9. Harebona, e leng e mong wa mahaole a sebeletsang kgosi, a re: “Bonang! Lapeng ha hae, Hamane o hlomme sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. O se hlometse ho fanyeha Moredekai ya neng a bolelle kgosi taba tse ileng tsa e tswela molemo.”Yaba kgosi e re: “Fanyehang Hamane hona sefateng seo!”

10. Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.

Esetere 7