Esetere 7:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale kgosi le Hamane ba tla moketeng wa dijo wa Esetere.

2. Ka tsatsi la bobedi la mokete wa veine, kgosi ya boela ya re ho Esetere: “Oho, mofumahadi Esetere, thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethwa, esita leha eba ke halofo ya mmuso wa ka.”

3. Yaba mofumahadi Esetere o a araba, o re: “Oho, kgosi ya ka, haeba o nkgauhetse, mme eba o ka kgahlwa ho etsa jwalo, thapedi ya ka, le kopo ya ka, ke hore bophelo ba ka, le ba setjhaba sa heso, bo baballwe.

4. Rona le setjhaba sa heso, re se re rekisitswe hore re timetswe, re bolawe, re ripitlwe. Haeba re ne re rekisitswe hore re be makgoba le makgabunyane, nka be ke kgutsitse, hobane leha re ne re ka hlokofatswa ho ne ho ke ke ha tshwana leha kgosi e ne e lahlehelwa ke rona.”

Esetere 7