Esetere 6:2-11 BIBELE (SSO89SO)

2. Ha fumanwa bukeng eo ho ngotswe hore Moredekai o kile a sebela kgosi tsa morero wa bo-Bigitane le Tereshe wa ho bolaya kgosi. Bana e ne e le mahaole a mabedi a kgosi, e bile e le balebedi ba monyako, ba neng ba batla ho bolaya kgosi Ahashuerushe.

3. Yaba kgosi e re: “Moredekai o kile a newa tlotla efe le hlompho efe ka ketso eo?”Bahlanka ba kgosi ba neng ba e sebeletsa, ba re: “Ha ho letho leo a kileng a le etsetswa!”

4. Kgosi ya re: “Ke mang ya ka seotlwaneng?”Ka yona nako eo Hamane o ne a sa tswa kena ka seotlwaneng se kantle ho ntlo ya kgosi, ho ya bua le kgosi hore e fanyehe Moredekai sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, seo a mo lokiseditseng sona.

5. Bahlanka ba kgosi ba re ho yona: “Ke Hamane ya emeng ka seotlwaneng.”Kgosi ya re: “Ereng a kene!”

6. Yaba Hamane o a kena. Kgosi ya re ho yena: “Ho etswe jwang ka motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla?”Hamane a bua ka pelo, a re: “E ka ba mang eo kgosi e ka thabelang ho mo tlotla, haese nna!”

7. Hamane a araba kgosi, a re: “Motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla,

8. a tlisetswe seaparo se aparwang ke kgosi, a tlisetswe le pere e palangwang ke kgosi, le mofapahlooho o rwalwang ke kgosi.

9. Seaparo seo, le pere eo di newe e mong wa mahosana a tlotlehang haholo a kgosi, e le hore mahosana ao a tle a apese motho eo seaparo seo, mme a mo tsamaise lebaleng la motse a palame pere. Mahosana ao a howe, a re: <Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla!> ”

10. Kgosi ya re ho Hamane: “Potlaka he o nke seaparo seo, le pere eo, mme Moredekai wa Mojuda, ya dutseng monyakong wa ntlo ya kgosi, o mo etse jwalokaha o boletse, o phethe tsohle tseo o di boletseng.”

11. Jwale Hamane a nka seaparo seo, le pere eo, a apesa Moredekai seaparo, a mo palamisa pere, a mo tsamaisa lebaleng la motse, a howeletsa a le kapele ho yena, a re: “Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla!”

Esetere 6