Esetere 6:11-14 BIBELE (SSO89SO)

11. Jwale Hamane a nka seaparo seo, le pere eo, a apesa Moredekai seaparo, a mo palamisa pere, a mo tsamaisa lebaleng la motse, a howeletsa a le kapele ho yena, a re: “Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla!”

12. Moredekai a boela monyakong wa kgosi, empa Hamane yena a potlakela ha hae, a sulafaletswe, a ikgurumeditse hlooho.

13. Hamane a bolella Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae yohle, tsohle tse mo hlahetseng.Yaba metswalle eo ya hae e bohlale, le Sereshe, mosadi wa hae, ba re ho yena: “Haeba Moredekai, eo o seng o qadile ho theoha boemong ba hao kapele ho yena, e le wa leloko la Bajuda, o ke ke wa hlola o mo hlola, empa o tla fela o timele!”

14. Yare ba sa ntsane ba buisana le yena, mahaole a kgosi a fihla, a potlakisetsa Hamane moketeng oo Esetere a o lokisitseng.

Esetere 6