Esetere 6:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Bosiung bona boo kgosi ya hlobaela, ya ba ya laela hore e tlisetswe buka eo ho ngotsweng diketsahalo tse fetileng ho yona, mme ya e ballwa.

2. Ha fumanwa bukeng eo ho ngotswe hore Moredekai o kile a sebela kgosi tsa morero wa bo-Bigitane le Tereshe wa ho bolaya kgosi. Bana e ne e le mahaole a mabedi a kgosi, e bile e le balebedi ba monyako, ba neng ba batla ho bolaya kgosi Ahashuerushe.

3. Yaba kgosi e re: “Moredekai o kile a newa tlotla efe le hlompho efe ka ketso eo?”Bahlanka ba kgosi ba neng ba e sebeletsa, ba re: “Ha ho letho leo a kileng a le etsetswa!”

4. Kgosi ya re: “Ke mang ya ka seotlwaneng?”Ka yona nako eo Hamane o ne a sa tswa kena ka seotlwaneng se kantle ho ntlo ya kgosi, ho ya bua le kgosi hore e fanyehe Moredekai sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, seo a mo lokiseditseng sona.

Esetere 6