1. Ka letsatsi la boraro Esetere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a ya ema kahare ho seotlwana sa ntlo ya kgosi, a tobana le ntlo ya kgosi. Kgosi e ne e dutse teroneng ya yona, ka tlung ya bokgosi, kapele ho monyako wa ntlo.
2. Ha kgosi e bona Esetere a eme ka seotlwaneng, ya mo hauhela, yaba e mo supa ka lere la yona la kgauta, leo e neng e le tshwere. Esetere a atamela, a ama ntlha ya lere la kgosi.
3. Kgosi ya re ho yena: “Oho, mofumahadi Esetere, o batla ho etsetswa eng? O lakatsang? Seo o se lakatsang o tla se newa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”
4. Esetere a araba, a re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, hona kajeno, kgosi le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke o lokiseditseng kgosi.”
5. Yaba kgosi e re: “Potlakang le bitse Hamane, re phethe seo Esetere a se boletseng!” Kgosi le Hamane ba ya moketeng oo Esetere a neng a o lokisitse.
6. Ha ho ntse ho nowa veine, kgosi ya re ho Esetere: “Thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethahatswa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”
7. Yaba Esetere o a araba, o re: “Thapedi ya ka, le kopo ya ka, ke ena:
8. Haeba kgosi e nkgauhetse, mme eba ke ntho e kgahlang kgosi ho phethahatsa thapedi le kopo ya ka, kgosi le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke tla be ke ba lokiseditse wona hosasane, mme teng ke tla araba potso ya kgosi.”
9. Ka tsatsi leo Hamane a tsamaya a thabile, a nyakaletse. Empa eitse ha Hamane a bona Moredekai monyakong wa ntlo ya kgosi, mme a lemoha hore Moredekai ha a eme, ha a mo tshohe, a mo halefela haholo.
10. Leha ho le jwalo Hamane a itshwara, a ba a ya fihla ha hae, a bitsa metswalle ya hae, le Sereshe mosadi wa hae.
11. Hamane a ba phetela tsa bongata ba maruo a hae, le kamoo bara ba hae ba leng bangata kateng, le mesebetsi yohle eo kgosi e mo phahamiseditseng ho yona, le kamoo e mmeileng ho okamela mahosana le bahlanka ba kgosi kateng.