6. Yaba Hatake o ya ho Moredekai, lebaleng le neng le le kapele ho monyako wa kgosi.
7. Moredekai a mmolella tsohle tse mo hlahetseng, le tsa tjhelete eo Hamane a tshepisitseng hore o tla e kenya letloleng la kgosi, hore ho tle ho timetswe Bajuda.
8. A mo nea le lengolo la taelo e phatlaladitsweng Shushane, ya hore ho timetswe Bajuda. A re a yo le nea Esetere, a mo hlalosetse lona, a be a mo laele hore a ye kapele ho kgosi, ho ya mo etsetsa thapedi, le ho batlela setjhaba sa habo thuso ho kgosi.
9. Hatake a fihla, a bolella Esetere ditaba tsa Moredekai.
10. Esetere a boela a bua le Hatake, a mo nea taelo e yang ho Moredekai, a re:
11. “Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.”
12. Ba bolella Moredekai dipolelo tsa Esetere.
13. Yaba Moredekai o re ba bolelle Esetere, ba re: “U se ke wa hopola hore kaha o le ka tlung ya kgosi o tla phonyoha ha Bajuda ba bolawa.
14. Haeba ka nako ena o ka kgutsa tu! ho namolelwa ha Bajuda le ho pholoswa ha bona, ho tla hlaha sebakeng se seng, empa haele wena le lelapa la ntatao le tla timetswa. Ke mang ya ka tsebang haeba o beilwe ditulong tseo, o beelwa nako e kang ee?”