Esetere 4:5-12 BIBELE (SSO89SO)

5. Jwale Esetere a bitsa Hatake, e mong wa mahaole a kgosi ya neng a mo sebeletsa, a mo laela hore a yo bona hore na molato ke ofe ho Moredekai, le hore na ke hobaneng.

6. Yaba Hatake o ya ho Moredekai, lebaleng le neng le le kapele ho monyako wa kgosi.

7. Moredekai a mmolella tsohle tse mo hlahetseng, le tsa tjhelete eo Hamane a tshepisitseng hore o tla e kenya letloleng la kgosi, hore ho tle ho timetswe Bajuda.

8. A mo nea le lengolo la taelo e phatlaladitsweng Shushane, ya hore ho timetswe Bajuda. A re a yo le nea Esetere, a mo hlalosetse lona, a be a mo laele hore a ye kapele ho kgosi, ho ya mo etsetsa thapedi, le ho batlela setjhaba sa habo thuso ho kgosi.

9. Hatake a fihla, a bolella Esetere ditaba tsa Moredekai.

10. Esetere a boela a bua le Hatake, a mo nea taelo e yang ho Moredekai, a re:

11. “Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.”

12. Ba bolella Moredekai dipolelo tsa Esetere.

Esetere 4