3. Jwale bahlanka ba kgosi, ba neng ba le monyakong wa kgosi, ba re ho Moredekai: “Ke ka baka lang ha o tlola taelo ya kgosi?”
4. Ka letsatsi le leng le le leng bahlanka ba kgosi ba nna ba buisana le yena hore a phethe taelo ya kgosi, empa a se ke a ba mamela; kahoo ba bolella Hamane taba ena, hore ba tle ba bone hore na o tla etsa jwang, hobane Moredekai o ne a ile a ba bolella hore yena ke Mojuda.
5. Ha Hamane a bona hore Moredekai o hana ho mo obamela, le ho isa hlompho ho yena, a loloma ke bohale.
6. Hoba Hamane a utlwe hore Moredekai ke wa setjhaba sefe, a bona ho sa tshwanele hore a bolaye yena feela. Yaba o rera hore a bolaye setjhaba sohle sa habo Moredekai, e leng Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tse buswang ke Ahashuerushe.