8. Ha molao le taelo ya kgosi di utlwahala, mme barwetsana ba bangata ba se ba kgobokanyeditswe Shushane, tlung ya kgosi, moo ba neng ba le bodiseng ba Hegai, Esetere le yena a tliswa tlung ya kgosi, a ba bodiseng ba Hegai, molebedi wa basadi.
9. Hegai a kgahlwa ke Esetere, mme a mo rata. Hegai a potlaka, a mo nea ditlolo tseo a itlotsang ka tsona, le dijo tse mo tshwanelang. A mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya bokgosi, hore ba mo sebeletse. Hegai a isa Esetere le makgabunyane a hae sebakeng se setle tlung ya kgosi, moo ho neng ho dula basadi.
10. Esetere o ne a sa ka a bolela hore na ke wa setjhaba sefe, le hore na o tswalwa kae, hobane Moredekai o ne a mo laile hore a se ke a bolela.
11. Ka tsatsi le leng le le leng Moredekai o ne a ye a tsamaye kapele ho ntlo eo basadi ba dulang ho yona, hore a tsebe hore na Esetere o ntse a phela jwang, le hore na ba tla mo etsa jwang.
12. Barwetsana ba ne ba beetswe nako ya selemo hore ba itlhwekise. Ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba itlotsa ka ole ya mmira, mme ka kgwedi tse ding tse tsheletseng ba inyanyatsa ka sente, ba itlotsa ka ditlolo, ho ya ka mokgwa wa basadi; ebe jwale ba thobiswa ka bomong ho iswa ho kgosi.
13. Ka mokgwa o tjena, morwetsana e mong le e mong o ne a etla kapele ho kgosi. Eng kapa eng eo a neng a e batla o ne a e newa, a tswe le yona ka tlung eo ho dulang basadi ho yona, a ye le yona ka tlung ya kgosi.
14. Mantsiboya o ne a ye a kene ka tlung ya kgosi, hoseng a kgutlele tlung esele, eo ho dulang basadi ho yona, e neng e le bodiseng ba Shaashagase, lehaole la kgosi, le neng le lebela basadi ba kgosi ba mafielo. Kamorao ho moo ebe ha a sa kgutlela ho kgosi hape, haese haeba kgosi e kgahlilwe ke yena, mme ya jwalo o ne a thonngwa ka lebitso.
15. Ha nako ya Esetere ya hore a kene ka ho kgosi e fihla, a se ke a batla letho ha e se feela seo Hegai, lehaole la kgosi, molebedi wa basadi, a ileng a mo nea sona. Moredekai o ne a nkile Esetere jwalokaha eka ke moradi wa hae athe e ne e le moradi wa Abihaele, maloma Moredekai. Esetere a ratwa ke bohle ba neng ba mo tadimile.
16. Ka kgwedi ya leshome, e leng kgwedi ya Pherekgong, selemong sa bosupa sa puso ya kgosi Ahashuerushe, Esetere a iswa ho kgosi Ahashuerushe, ka tlung ya hae ya bokgosi.
17. Kgosi ya rata Esetere ho feta basadi bohle, ya mo hauhela, ya kgahlwa ke yena ho feta barwetsana bohle. Yaba e mo rwesa mofapahlooho wa bofumahadi sebakeng sa Fashiti.