1. Kamora tsena, hoba kgalefo ya kgosi Ahashuerushe e kokobele, a hopola Fashiti le seo a ileng a se etsa, le kamoo a ileng a mo ahlola kateng.
2. Yaba bahlanka ba kgosi ba e sebeletsang ba re ho yona: “A ho ke ho batlelwe kgosi barwetsana ba batle.
3. Kgosi e kgethe bahlankana dinaheng tsohle tseo e di busang, hore ba kgobokanye barwetsana bohle ba batle, ba ba tlise Shushane, tlung eo basadi ba dulang ho yona, e bodiseng ba Hegai, e leng lehaole la kgosi le lebelang basadi. Barwetsana bana ba fuwe ditlolo tseo ba itlotsang ka tsona.
4. Morwetsana ya tla kgahla kgosi, ke yena eo e tla ba mofumahadi bakeng sa Fashiti.”Keletso ena ya thabisa kgosi, mme kgosi ya etsa jwalo.
5. Motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi, ho ne ho ena le monna wa Mojuda, ya bitswang Moredekai, mora wa Jaire, setloholo sa Shimei, setloholwana sa Kishe wa Mobenjamine.
6. Monna eo o ne a ile a thopuwa Jerusalema le bathopuwa ba neng ba thopilwe mmoho le Jekoneya, kgosi ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a ileng a ba thopa.
7. Moredekai o ne a ile a hodisa Hadasa, e leng Esetere, moradi wa malomae. Esetere e ne e le kgutsana, mme e le morwetsana e motle, ya seemo se bohehang. Hoba a shwellwe ke ntatae le mmae, Moredekai a mo hodisa jwalokaha eka ke moradi wa hae.
8. Ha molao le taelo ya kgosi di utlwahala, mme barwetsana ba bangata ba se ba kgobokanyeditswe Shushane, tlung ya kgosi, moo ba neng ba le bodiseng ba Hegai, Esetere le yena a tliswa tlung ya kgosi, a ba bodiseng ba Hegai, molebedi wa basadi.
9. Hegai a kgahlwa ke Esetere, mme a mo rata. Hegai a potlaka, a mo nea ditlolo tseo a itlotsang ka tsona, le dijo tse mo tshwanelang. A mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya bokgosi, hore ba mo sebeletse. Hegai a isa Esetere le makgabunyane a hae sebakeng se setle tlung ya kgosi, moo ho neng ho dula basadi.