17. Ketso ena ya mofumahadi e tla phatlalla, e fihle ho basadi bohle, mme ka hona ba tla tella banna ba bona, ha ba utlwa hore kgosi Ahashuerushe o ile a laela mofumahadi Fashiti hore a tle ho yena, empa mofumahadi a hana ho tla.
18. Hona kajeno, dikgosatsana tsa Peresiya le Media tse utlwileng tsa boitshwaro bona ba mofumahadi, di tla etsa jwalo ho mahosana a kgosi, mme ho hlomphollana le ho halefelana ho ke ke ho hlola ho fela.
19. “Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho tswe taelo ya kgosi, mme e ngolwe melaong ya Peresiya le ya Media, e le hore taelo eo e se ke ya fetolwa, ho thwe Fashiti a ke ke a hlola a ema kapele ho kgosi Ahashuerushe. Ditokelo tsa hae tsa bofumahadi di newe e mong e motle ho mo feta.
20. Ha taelo ena ya kgosi e tla etswa, e phatlalatswa hohle mmusong wa kgosi o namileng, basadi bohle ba tla hlompha banna ba bona, ebang banna bao ke mahosana kapa ke bafo.”
21. Keletso ena ya thabisa kgosi le mahosana, mme kgosi ya etsa kamoo Memukane a eleditseng kateng.
22. Yaba kgosi e romela mangolo dinaheng tsohle tseo e di busang, naha ka nngwe ya ngollwa ka mongolo wa yona, setjhaba ka seng sa ngollwa ka puo ya sona, ha thwe monna e mong le e mong a laole lelapa la hae, ho buuwe puo ya habo.