10. Ka letsatsi la bosupa, ha kgosi e thabisitswe ke ho nwa veine, ya bitsa Mehumane, le Biseta, le Harebona, le Bigita, le Abakata, le Setare, le Karakase, e leng mahaole a supileng a neng a sebeletsa kgosi.
11. Ya a laela hore a tlise mofumahadi Fashiti kapele ho kgosi, a rwetse mofapahlooho wa bofumahadi, hore setjhaba le mahosana a tlo boha botle ba hae, hobane mofumahadi o ne a le motle haholo.
12. Empa mofumahadi Fashiti a hana ho tla ha mahaole a mo tsebisa taelo ya kgosi. Ka baka lena, kgosi ya halefa haholo, mme kgalefo ya yona ya tlokoma.
13. Kaha e ne e le tlwaelo ya kgosi ho rerisana le bohle ba neng ba tseba molao le dikahlolo, yaba e bua le banna ba bohlale, ba neng ba tseba mehla eo.
14. Bao e neng e le diphatho tsa kgosi ke bana: Kareshena, le Shetare, le Ademata, le Tarashishe, le Merese, le Maresena, le Memukane, e leng mahosana a supileng, a tswang Peresiya le Media, wona matona a neng a ema kapele ho kgosi, mme e le wona a ka sehloohong mmusong.
15. Yaba kgosi e re ho bona: “Kaha mofumahadi Fashiti a sa phetha taelo ya kgosi Ahashuerushe, eo a mo rometseng yona ka mahaole a hae, ho ya ka molao eka kgona mofumahadi a etswe jwang?”
16. Yaba Memukane o araba a le kapele ho kgosi le mahosana, o re: “Mofumahadi Fashiti ha a ya sitelwa kgosi feela, empa o sitetswe le mahosana wohle, le ditjhaba tsohle tse dinaheng tse buswang ke kgosi Ahashuerushe.
17. Ketso ena ya mofumahadi e tla phatlalla, e fihle ho basadi bohle, mme ka hona ba tla tella banna ba bona, ha ba utlwa hore kgosi Ahashuerushe o ile a laela mofumahadi Fashiti hore a tle ho yena, empa mofumahadi a hana ho tla.
18. Hona kajeno, dikgosatsana tsa Peresiya le Media tse utlwileng tsa boitshwaro bona ba mofumahadi, di tla etsa jwalo ho mahosana a kgosi, mme ho hlomphollana le ho halefelana ho ke ke ho hlola ho fela.
19. “Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho tswe taelo ya kgosi, mme e ngolwe melaong ya Peresiya le ya Media, e le hore taelo eo e se ke ya fetolwa, ho thwe Fashiti a ke ke a hlola a ema kapele ho kgosi Ahashuerushe. Ditokelo tsa hae tsa bofumahadi di newe e mong e motle ho mo feta.
20. Ha taelo ena ya kgosi e tla etswa, e phatlalatswa hohle mmusong wa kgosi o namileng, basadi bohle ba tla hlompha banna ba bona, ebang banna bao ke mahosana kapa ke bafo.”
21. Keletso ena ya thabisa kgosi le mahosana, mme kgosi ya etsa kamoo Memukane a eleditseng kateng.
22. Yaba kgosi e romela mangolo dinaheng tsohle tseo e di busang, naha ka nngwe ya ngollwa ka mongolo wa yona, setjhaba ka seng sa ngollwa ka puo ya sona, ha thwe monna e mong le e mong a laole lelapa la hae, ho buuwe puo ya habo.