Esera 9:9-15 BIBELE (SSO89SO)

9. Re ne re le makgoba, empa Modimo wa rona ha a a ka a re tlohela bokgobeng boo ba rona; o entse hore dikgosi tsa Peresiya di re hauhele, re tsohe molota, re tle re hahe Tempele ya Modimo wa rona, re e lokise moo e senyehileng teng, ho sireletswe Juda le Jerusalema.

10. “Jwale he, Modimo wa rona, re tla reng kamorao ho moo? Re furaletse melao ya hao

11. eo o neng o re laye ka yona, ka bahlanka ba hao, baporofeta, wa re: <Naha eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona, ke naha e sa hlwekang, ka baka la ho silafatswa ke baahi ba dinaha tseo ka manyala a bona, a e aparetseng ho tloha ntlheng e nngwe ho isa ho e nngwe.

12. Ka baka leo he, le se ke la nyallana le bona, leha e le ho sebeletsa kgotso ya bona, kapa ho tswela pelo leruo la bona ho isa kgale, e le hore le tle le matlafale, le je menono ya naha eo, le e siele bana ba lona hore e be lefa la bona la kamehla yohle.>

13. “Tsena tsohle, tse re hlahetseng, di bakilwe ke diketso tsa rona tse kgopo, le ditshito tsa rona tse kgolo, empa wena, Modimo wa rona, o re otlile hanyenyane ho feta kamoo bokgopo ba rona bo leng kateng, mme wa re siela mesaletsana ena e teng.

14. Na ebe re sa tla boela re tlola melao ya hao, re nyallana le ditjhaba tsee, tse etsang dintho tse nyonyehang hakaale? Na o ke ke wa re halefela, mme wa qetella o re timeditse, hoo ho ke keng ha eba le mesaletsana kapa ba phonyohang?

15. Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena o lokile, hobane ke mona kajeno re mesaletsana e phonyohileng, mme re kapele ho wena re ntse re le hara melato ya rona, le hoja re ke ke ra ema kapele ho wena, ka baka la yona.”

Esera 9