Esera 9:3-14 BIBELE (SSO89SO)

3. Ha ke utlwa taba ena ka hahola diaparo tsa ka, le hempe ya ka, ka hlothaka moriri wa ka, le ditedu tsa ka, ka dula fatshe, ka fetoha semumu.

4. Bohle ba tshabang dipolelo tsa Modimo wa Iseraele ba mpokanela, ka baka la botjholotjholo ba bao e neng e le bathopuwa. Ka dula jwalo ke le semumu, ho fihlela ha ho etswa sehlabelo sa mantsiboya.

5. Ka nako ya ha ho etswa sehlabelo sa mantsiboya, ka ema moo esaleng ke dula teng ke sithabetse. Ka kgumama ka mangwele, seaparo sa ka le hempe ya ka di ntse di le matamuke, ka phahamisetsa matsoho a ka ho Morena Modimo wa ka.

6. Yaba ke re: “Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke bile ke tshaba le ho tadimana le wena, Modimo wa ka. Bokgopo ba rona bo re hlwele dihlooho, dibe tsa rona di lalellane hodimo ho ya fihla mahodimong.

7. Ho tloha mehleng ya bo-ntata rona, ho fihlela kajeno, re bile le melato e meholo. Ka baka la bokgopo ba rona, rona, le dikgosi tsa rona, le baprista ba rona, ho neelanwe ka rona matsohong a dikgosi tsa dinaha tsena, hore re bolawe ka sabole, re thopuwe, re hanyapetswe, re hlabiswe dihlong, jwalokaha ho le jwalo kajeno.

8. “Empa ka nakwana e seng kae, Morena Modimo wa rona, o re hauhetse ka ho re siela mesaletsana e ileng ya phonyoha. O re tsitsisitse sebakeng sena sa hae se halalelang, e le hore a re tutubolle mahlo, a re lopolle bokgobeng bona ba rona.

9. Re ne re le makgoba, empa Modimo wa rona ha a a ka a re tlohela bokgobeng boo ba rona; o entse hore dikgosi tsa Peresiya di re hauhele, re tsohe molota, re tle re hahe Tempele ya Modimo wa rona, re e lokise moo e senyehileng teng, ho sireletswe Juda le Jerusalema.

10. “Jwale he, Modimo wa rona, re tla reng kamorao ho moo? Re furaletse melao ya hao

11. eo o neng o re laye ka yona, ka bahlanka ba hao, baporofeta, wa re: <Naha eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona, ke naha e sa hlwekang, ka baka la ho silafatswa ke baahi ba dinaha tseo ka manyala a bona, a e aparetseng ho tloha ntlheng e nngwe ho isa ho e nngwe.

12. Ka baka leo he, le se ke la nyallana le bona, leha e le ho sebeletsa kgotso ya bona, kapa ho tswela pelo leruo la bona ho isa kgale, e le hore le tle le matlafale, le je menono ya naha eo, le e siele bana ba lona hore e be lefa la bona la kamehla yohle.>

13. “Tsena tsohle, tse re hlahetseng, di bakilwe ke diketso tsa rona tse kgopo, le ditshito tsa rona tse kgolo, empa wena, Modimo wa rona, o re otlile hanyenyane ho feta kamoo bokgopo ba rona bo leng kateng, mme wa re siela mesaletsana ena e teng.

14. Na ebe re sa tla boela re tlola melao ya hao, re nyallana le ditjhaba tsee, tse etsang dintho tse nyonyehang hakaale? Na o ke ke wa re halefela, mme wa qetella o re timeditse, hoo ho ke keng ha eba le mesaletsana kapa ba phonyohang?

Esera 9