Esera 9:2-5 BIBELE (SSO89SO)

2. Ba nyallane le ditjhaba tseo; kahoo setjhaba sena se halalelang se kopantse madi a sona le madi a baditjhaba. Ba ka sehloohong ketsong ena ya bohlabaphiyo ke baetapele le babusi ba setjhaba.”

3. Ha ke utlwa taba ena ka hahola diaparo tsa ka, le hempe ya ka, ka hlothaka moriri wa ka, le ditedu tsa ka, ka dula fatshe, ka fetoha semumu.

4. Bohle ba tshabang dipolelo tsa Modimo wa Iseraele ba mpokanela, ka baka la botjholotjholo ba bao e neng e le bathopuwa. Ka dula jwalo ke le semumu, ho fihlela ha ho etswa sehlabelo sa mantsiboya.

5. Ka nako ya ha ho etswa sehlabelo sa mantsiboya, ka ema moo esaleng ke dula teng ke sithabetse. Ka kgumama ka mangwele, seaparo sa ka le hempe ya ka di ntse di le matamuke, ka phahamisetsa matsoho a ka ho Morena Modimo wa ka.

Esera 9