25. Ka ba lekanyetsa silefera, le kgauta, le thepa, e leng tseo kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana a yona, le Baiserale bohle ba neng ba le teng moo, ba faneng ka tsona, e le nyehelo ya Tempele ya Modimo wa rona.
26. Ka ba nea silefera e etsang boima ba dithane tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le thepa e entsweng ka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le e entsweng ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane,
27. le dikotlolo tse mashome a mabedi, tse entsweng ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse robedi, le dikotlolo tse pedi, tse entsweng ka lethose leo e leng la bohlokwa jwaloka kgauta.
28. Yaba ke re ho bona: “Le a halalela mahlong a Morena, le thepa ena e a halalela. Silefera le kgauta tsona ke nyehelo ya boithaopo, e etsetswang Morena Modimo wa bontata lona.
29. Di hlokomeleng, le di boloke, ho fihlela le di lekanya hape kapele ho baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, le le Jerusalema, ka dikamoreng tsa Tempele ya Morena.”
30. Yaba baprista, le Balevi, ba nka morwalo oo wa silefera, le wa kgauta, le wa thepa, le wa dijana, ba o isa Jerusalema ka Tempeleng ya Morena.
31. Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi, la kgwedi ya pele, ra tloha nokeng ya Ahafa, ra ya Jerusalema. Modimo wa rona a re hlohonolofatsa, mme a re namolela matsohong a sera, le ho ba neng ba re laletse tseleng.
32. Ra fihla Jerusalema, ra hlola teng matsatsi a mararo.
33. Ka letsatsi la bone, silefera, le kgauta, le thepa, tsa bewa sekaleng, ka Tempeleng ya Modimo wa rona, mme tsa newa Meremote, mora wa moprista Uriya. O ne a ena le Eleasare, mora wa Finease, mmoho le Balevi, e leng Josabada, mora wa Jeshua, le Nowadiya, mora wa Binui.
34. Tsohle tsa balwa, tsa bewa sekaleng, mme boima ba tsona ba ngolwa.
35. Bao e neng e le bathopuwa ba etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le ka dipheleu tse mashome a robong a metso e tsheletseng, le ka dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, e le nyehelo ya Baiseraele bohle. Ba etsa le nyehelo ya sebe ka diphooko tse leshome le metso e mmedi. Tsena tsohle e ne e le nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena.
36. Ba neelana ka ditaelo tsa kgosi ho balebedi ba kgosi, le ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Bao ba thusa setjhaba, ba thusa le Tempele ya Morena.