Esera 8:21-35 BIBELE (SSO89SO)

21. Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona.

22. Ke ne ke hlajwa ke dihlong ho kopa bahlabani le bapalami ba dipere ho kgosi, hore bao ba tle ba re sireletse ho dira tsa rona tseleng, hobane re ne re bua le kgosi, re re: “Letsoho la Modimo wa rona le sireletsa bohle ba mo sebeletsang, empa matla a hae le kgalefo ya hae di hodima bohle ba mo furallang.”

23. Yaba re itima dijo, re rapela Modimo wa rona, mme a re utlwa.

24. Yaba ke kgethela kathoko baprista ba baholo, ba leshome le metso e mmedi, le Sherebiya, le Hashabiya, le bana babo bona ba leshome.

25. Ka ba lekanyetsa silefera, le kgauta, le thepa, e leng tseo kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana a yona, le Baiserale bohle ba neng ba le teng moo, ba faneng ka tsona, e le nyehelo ya Tempele ya Modimo wa rona.

26. Ka ba nea silefera e etsang boima ba dithane tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le thepa e entsweng ka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le e entsweng ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane,

27. le dikotlolo tse mashome a mabedi, tse entsweng ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse robedi, le dikotlolo tse pedi, tse entsweng ka lethose leo e leng la bohlokwa jwaloka kgauta.

28. Yaba ke re ho bona: “Le a halalela mahlong a Morena, le thepa ena e a halalela. Silefera le kgauta tsona ke nyehelo ya boithaopo, e etsetswang Morena Modimo wa bontata lona.

29. Di hlokomeleng, le di boloke, ho fihlela le di lekanya hape kapele ho baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, le le Jerusalema, ka dikamoreng tsa Tempele ya Morena.”

30. Yaba baprista, le Balevi, ba nka morwalo oo wa silefera, le wa kgauta, le wa thepa, le wa dijana, ba o isa Jerusalema ka Tempeleng ya Morena.

31. Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi, la kgwedi ya pele, ra tloha nokeng ya Ahafa, ra ya Jerusalema. Modimo wa rona a re hlohonolofatsa, mme a re namolela matsohong a sera, le ho ba neng ba re laletse tseleng.

32. Ra fihla Jerusalema, ra hlola teng matsatsi a mararo.

33. Ka letsatsi la bone, silefera, le kgauta, le thepa, tsa bewa sekaleng, ka Tempeleng ya Modimo wa rona, mme tsa newa Meremote, mora wa moprista Uriya. O ne a ena le Eleasare, mora wa Finease, mmoho le Balevi, e leng Josabada, mora wa Jeshua, le Nowadiya, mora wa Binui.

34. Tsohle tsa balwa, tsa bewa sekaleng, mme boima ba tsona ba ngolwa.

35. Bao e neng e le bathopuwa ba etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le ka dipheleu tse mashome a robong a metso e tsheletseng, le ka dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, e le nyehelo ya Baiseraele bohle. Ba etsa le nyehelo ya sebe ka diphooko tse leshome le metso e mmedi. Tsena tsohle e ne e le nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena.

Esera 8