15. Ka ba kgobokanyetsa bohle pela noka e fetang Ahafa. Ra hlola moo ka matsatsi a mararo, re le ka ditenteng. Ka hlahloba setjhaba, le baprista, mme hara bona ka fumana ho se le ya mong wa bara ba Levi.
16. Yaba ke romela hore ho bitswe bo-Eleesere, le Ariele, le Shemaya, le Elenatane, le Jaribe, le Elenatane, le Nathane, le Sekariya, le Meshulame, e leng banna ba ka sehloohong, le Joyaribe, le Elenatane, bao e neng e le banna ba bohlale.
17. Ka ba romela ho Ido, mmusisi wa sebaka se bitswang Kasipia, ka ba laela seo ba tshwanetseng ho se bolella Ido, le bana babo, e leng basebeletsi ba Tempele, ba sebakeng sona seo sa Kasipia, hore ba re tlisetse basebeletsi ba Tempele ya Modimo wa rona.
18. Ka lehlohonolo le tswang ho Modimo wa rona, ba re romela Sherebiya, monna ya nang le kutlwisiso, e leng e mong wa bara ba Mahadi, mora wa Levi, setloholo sa Iseraele. O ne a ena le bara ba hae, le bana babo, kaofela ba le leshome le metso e robedi,
19. le Hashabiya, a ena le Jeshaya, e leng e mong wa bara ba Merari, le bana babo, le bara ba hae, kaofela ba le mashome a mabedi.
20. Ba ba romela le basebeletsi ba Tempele, bao bo-Davida le mahosana ba neng ba ba kgethetse ho thusa Balevi. Basebeletsi bohle ba Tempele ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi. Mabitso a bona bohle a ne a ngotswe bukeng.
21. Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona.
22. Ke ne ke hlajwa ke dihlong ho kopa bahlabani le bapalami ba dipere ho kgosi, hore bao ba tle ba re sireletse ho dira tsa rona tseleng, hobane re ne re bua le kgosi, re re: “Letsoho la Modimo wa rona le sireletsa bohle ba mo sebeletsang, empa matla a hae le kgalefo ya hae di hodima bohle ba mo furallang.”
23. Yaba re itima dijo, re rapela Modimo wa rona, mme a re utlwa.
24. Yaba ke kgethela kathoko baprista ba baholo, ba leshome le metso e mmedi, le Sherebiya, le Hashabiya, le bana babo bona ba leshome.
25. Ka ba lekanyetsa silefera, le kgauta, le thepa, e leng tseo kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana a yona, le Baiserale bohle ba neng ba le teng moo, ba faneng ka tsona, e le nyehelo ya Tempele ya Modimo wa rona.
26. Ka ba nea silefera e etsang boima ba dithane tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le thepa e entsweng ka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le e entsweng ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane,
27. le dikotlolo tse mashome a mabedi, tse entsweng ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse robedi, le dikotlolo tse pedi, tse entsweng ka lethose leo e leng la bohlokwa jwaloka kgauta.
28. Yaba ke re ho bona: “Le a halalela mahlong a Morena, le thepa ena e a halalela. Silefera le kgauta tsona ke nyehelo ya boithaopo, e etsetswang Morena Modimo wa bontata lona.
29. Di hlokomeleng, le di boloke, ho fihlela le di lekanya hape kapele ho baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, le le Jerusalema, ka dikamoreng tsa Tempele ya Morena.”
30. Yaba baprista, le Balevi, ba nka morwalo oo wa silefera, le wa kgauta, le wa thepa, le wa dijana, ba o isa Jerusalema ka Tempeleng ya Morena.